Koete Sekhukhuni - Afrika Official Lyrics Video
Автор: Koete Sekhukhuni
Загружено: 2021-09-17
Просмотров: 360
Описание:
Title: Afrika
Artist: Koete Sekhukhuni feat. Msoko Lara
Composers: Koete Sekhukhuni, Bosco Afreeca, & Sthembiso Twala
© Maluti Music
LYRICS:
Intro
O ya kae Afrika o ya kae?
Afrika bo, o ya kae Afrika o ya kae? x 5
Chorus
O ya kae Afrika o ya kae? x 8
Bridge
Ba rata chelete ho feta bophelo
Batho ke majakane ba lahlile setso
Ba rata lefifi ba hloile khanya
O ya kae Afrika o ya kae?
Ba rata chelete ho feta bophelo
Ba rata menate ba hloile thuto
Ba rata lefifi ba hloile khanya
Chorus
O ya kae Afrika o ya kae? x 5
Verse 1 (Koete Sekhukhuni)
Leloko le senang moetlo le a timela bo
Thoto e senang marapo e a lahleha bo
Ha o sa tsebe mo o tswang o ka se tsebe mo o yang
O ya kae Afrika o ya kae?
Batho ka majakane ba lahlile setso
Phaphamang le tla wela dilomong
Bana ba khwale ba bitsana ka molodi
Metsi ke ana a kema ka moedi
Re dumetse re thetsitswe ke badichaba
Bana ba bona ba iphedisa ka tsa rona
E kare re bajaki fatsheng la ha bo rona
Re phela ka thata ho feta maeba
Chorus
O ya kae Afrika o ya kae? x 8
Ba rata chelete ho feta bophelo
Batho ke majakane ba lahlile setso
Ba rata lefifi ba hloile khanya
O ya kae Afrika o ya kae?
Ba rata chelete ho feta bophelo
Ba rata menate ba hloile thuto
Ba rata lefifi ba hloile khanya
O ya kae Afrika o ya kae? x 5
Verse 2 (Msoko Lara)
Eei, Spoontown sa MasokoLara
O boletese Nkhono Mantsopa hore hona le batho batla fihla ka konopo le senang masoba
Ba fihle ba re dube tlhalohanyo ena e re ha re hapeha athe khale ba re fehletse mekhoba (ba re fehletse mekhoba)
Seikokotlelo sa ka ke Ramasedi a ko mpontshe tsela
Afrika ekare jwale e a tsekela
Ha re hlompheng Melanin re hopoleng hore lefatsheng mona ke rona dikakapa
Afrika o yak ae?
Mesing kwana ke di komiti morero ke ho re kenya masihlwane
Ene re tlo shwa ke ho hloka tsebo, sentse ba re manakisa
Afrika o ya kae bo???
Outro
Afrika bo, o ya kae Afrika o ya kae? x 5
Повторяем попытку...
Доступные форматы для скачивания:
Скачать видео
-
Информация по загрузке: