Sefela 61 (A re rapeleng)
Автор: Christ the King Cathedral - Gaborone
Загружено: 2026-01-11
Просмотров: 73
Описание:
11.01.2026 baptism of the Lord
Jesu oa ka ke a tsieloa:
Ke tla u leboha joang na.
Ka baka la neho e kholo,
eo u e entseng ho batho
E! Sakramente e monate! Mosa wa hao ke o sele!
Botho le bona bomolimo, ba Jesu bo nehoa batho.
E mong le e mong oa rona, o inehela kaofela
E! Sakramente e monate! Mosa wa hao ke o sele!
Mme joale sefuba sa motho, se fetoha ntlo ea Jesu. Mobopuoa o eteloa, ke Mopi oa hae! Ho joang na?
E! Sakramente e monate! Mosa wa hao ke o sele!
Jesu o s’a lula ho motho,
le ena motho ho Jesu.
E mong a re Ha kesa phela, ke Jesu ea phelang ho ‘na
E! Sakramente e monate! Mosa wa hao ke o sele!
Hojane pelo e hloekileng
ea Maria ho’na e teng!
Oho Morena, nka nyakalla, ha nka u rata ka eona
E! Sakramente e monate! Mosa wa hao ke o sele!
Jesu, ke euna ea tlisitseng, mollo ho rona lefatseng. Ak’a u re hotetse ka oona, re tla u rata ka mehla
E! Sakramente e monate! Mosa wa hao ke o sele!
Повторяем попытку...
Доступные форматы для скачивания:
Скачать видео
-
Информация по загрузке: